Baroma 1:23-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Mme kganya ya Modimo o sa boleng ba e fetotse ditshwantsho tse lekanyang motho ya bolang, le dinonyana le diphoofolo tse maoto a mane, le dihahabi.

24. Ka baka leo, Modimo o ba lesitse ho sebetsa ditshila, ditakatsong tsa dipelo tsa bona, ba tle ba tlotlollane mmele ya bona;

25. e leng bona ba fetotseng nnete ya Modimo leshano, ba rapetseng tse bopilweng, ba di sebeleditseng, ba furaletse Mmopi ya bokwang kamehla. Amen!

26. Ka baka leo, Modimo o ba neeletse ditakatsong tse dihlong; hobane hara bona basadi ba fetotse mokgwa wa bona wa hlaho ho etsa ka oo e seng wa hlaho.

27. Ka mokgwa o jwalo le bona banna ba lesitse ho etsa le mosadi ka mokgwa wa teng, mme ba tjhesitswe ke ho lakatsana; banna ba etsa manyala le banna ba bang, mme ba amohela ka ho bona moputso o loketseng bolahlehi ba bona.

Baroma 1