1. Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,
2. eo o neng o e baletse batho pele ka baporofeta ba wona, Mangolong a Halalelang,
3. ha o lekanya Mora wa wona, Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswileng lelokong la Davida ka nama;
4. ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung;
5. eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;
6. le lona, ba bitsitsweng ke Jesu Kreste, le balwang hara tsona:
7. lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
8. Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.