1. Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,
2. eo o neng o e baletse batho pele ka baporofeta ba wona, Mangolong a Halalelang,
3. ha o lekanya Mora wa wona, Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswileng lelokong la Davida ka nama;
4. ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung;
5. eo re filweng ka yena mohau le boapostola, hore ditjhabeng tsohle ho be ba utlwang ka ho dumela lebitso la hae;
6. le lona, ba bitsitsweng ke Jesu Kreste, le balwang hara tsona:
7. lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
8. Ke simolla ka ho leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste ka baka la lona bohle, kahobane tumelo ya lona e roriswa lefatsheng lohle.
9. Hobane Modimo oo ke o sebeletsang moyeng wa ka Evangeling ya Mora wa wona, ke wona paki ya ka ha ke re, ha ke lese ho le hopola,
10. ke ntse ke kopa kamehla merapelong ya ka hore na, ha e ka ba ho rata ha Modimo, nke ke ka fuwa sebaka se setle sa ho ya ho lona.
11. Hobane ke hlolohetswe ho le bona, ke tle ke le sitse ka molemo o mong wa Moya, le tle le tiiswe;
12. ke ho re, ha ke ena le lona, re tshedisane ka tumelo e leng ho lona le ho nna.
13. Banabeso, ha ke rate ha le sa tsebe hobane ke rerile hangata ho ya ho lona, ke tle ke kge ditholwana tse ding le ho lona, jwalokaha ke entse ditjhabeng tse ding; ke mpa ke thibetswe ho fihlela jwale.