Bakolose 4:5-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.

6. Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.

7. Tikike, ngwaneso ya ratehang, mohlanka ya tshepehang, mong ka nna tshebeletsong ya Morena, o tla le tsebisa kahohle kamoo taba tsa ka di dutseng kateng.

8. Ke mo rometse ho lona ka hona hoo, hore a tle a tsebe kamoo taba tsa lona di dutseng kateng, mme a tshedise dipelo tsa lona.

9. O na le Onesima, ngwaneso ya tshepehang, ya ratehang, e leng e mong wa lona; ba tla le phetela tsohle tsa kwano.

10. Aristarke, ya tlamilweng le nna, o a le dumedisa; le motswala wa Barnabase, Mareka, eo le etseditsweng taelo ka baka la hae; ekare ha a etla ho lona, mo amoheleng.

11. Jesu, ya bitswang Juste, le yena o a le dumedisa. Ho ba lebollo, ke bona ba nnotshi ba ntshebedisang mmusong wa Modimo, mme ba bile tshediso ho nna.

12. Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.

13. Le nna ke paka hoba o fela a le tjhesehela haholo, le ba Laodisea, le ba Hierapolise.

14. Luka, ngaka e ratwang, le Demase, ba le dumedisa.

15. Dumedisang baena ba Laodisea, le Nimfase, le kereke e ka tlung ya hae.

Bakolose 4