Bakolose 4:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Benghadi, etsetsang bahlanka ba lona ka ho loka le ka tshwanelo, le ntse le tseba hobane le lona le na le morena mahodimong.

2. Tiisetsang thapelong, mme le e fadimehele ka teboho.

3. Le hona, bohle hammoho, le re rapelleng, hore Modimo o re bulele monyako wa lentswe, re tle re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng motlamuwa ka baka le sona;

4. ke tle ke se pepese ka mokgwa oo ke tshwanetseng ho se bolela ka wona.

5. Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.

6. Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.

Bakolose 4