9. Le se ke la thetsana ka mashano; le hlobole motho wa kgale le diketso tsa hae;
10. mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.
11. Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.
12. Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.
13. Le mamellane, le rekolohelane, mme ekare ha e mong a ena le komang le e mong jwalokaha Kreste a le hauhetse, etsang jwalo le lona.
14. Kahodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho.
15. Mme kgotso ya Modimo, eo le e biletswang ho ba mmele o le mong, e buse pelong tsa lona; hape le be le teboho.
16. Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.
17. Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.
18. Basadi, ikokobetseng katlase ho banna ba lona, jwalokaha ho tshwaneleha Moreneng.