4. Mme Kreste, e leng bophelo ba lona, mohla a hlahang, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.
5. Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.
6. Ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlang hodima bana ba ho se dumele.
7. Ke tseo le lona le neng le tsamaya ho tsona pele, ha le ne le sa phela ka tsona.
8. Empa jwale, lahlang le lona, ntho tseo kaofela, e leng bohale, le ho itshena, le lonya, le dinyefolo; mme polelo e dihlong e se ke ya tswa melomong ya lona.
9. Le se ke la thetsana ka mashano; le hlobole motho wa kgale le diketso tsa hae;
10. mme le apare motho e motjha, ya ntjhafallang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.
11. Mona, ha ho Mogerike, leha e le Mojuda, leha e le lebollo, leha e le boqai, leha e le mobarebare, leha e le Moskitha, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; empa Kreste e le ntho tsohle, le ho bohle.
12. Le apare ke hona, kaha le le bakgethwa ba Modimo, ba halalelang, ba ratwang, maikutlo a mohau, a molemo, a boikokobetso, a bonolo, a mamello.
13. Le mamellane, le rekolohelane, mme ekare ha e mong a ena le komang le e mong jwalokaha Kreste a le hauhetse, etsang jwalo le lona.
14. Kahodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho.
15. Mme kgotso ya Modimo, eo le e biletswang ho ba mmele o le mong, e buse pelong tsa lona; hape le be le teboho.