1. Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang dintho tse hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.
2. Hopolang dintho tse hodimo, e seng tse lefatsheng.
3. Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.
4. Mme Kreste, e leng bophelo ba lona, mohla a hlahang, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.
5. Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.
6. Ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlang hodima bana ba ho se dumele.
7. Ke tseo le lona le neng le tsamaya ho tsona pele, ha le ne le sa phela ka tsona.
8. Empa jwale, lahlang le lona, ntho tseo kaofela, e leng bohale, le ho itshena, le lonya, le dinyefolo; mme polelo e dihlong e se ke ya tswa melomong ya lona.
9. Le se ke la thetsana ka mashano; le hlobole motho wa kgale le diketso tsa hae;