2. dipolelo tsa bona di tle di tshediswe, mme ha ba tlamahanngwa hammoho ka lerato, ba fihlele monono wohle wa kelello e tletseng, ba tle ba utlwisise sephiri sa Modimo e leng Kreste,
3. eo matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patilweng ka ho yena.
4. Ke le bolella hona hore motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tseo e kang di na le ho tshepeha.
5. Hobane, leha ke le siyo ka nama, ka moya ke na le lona, ke ntse ke thaba, ke boha ho lokisa ha lona, le ho tiya ha tumelo ya lona ho Kreste.
6. Mme jwalokaha le amohetse Morena Jesu Kreste, le fele le tsamaye jwalo ho yena;
7. le ntse le tebisa metso ho yena, le thewa ka ho yena, le tiya tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le tletse teboho.