11. Le hona le bolotse ka ho yena ka lebollo le sa etswang ka letsoho, e leng ho hlobola mmele wa nama, ka lebollo la Kreste.
12. Le patilwe le yena kolobetsong, moo le tsositsweng le yena ka ho dumela matla a Modimo o mo tsositseng bafung.
13. Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle;
14. o hlakotse lengolo la molato la melao e neng e re qosa, mme o le fedisitse ka ho le kgokgothella sefapanong.
15. Wa hlobodisa le marena le mebuso, wa e pepesa pontsheng ha Jesu a se a o hlotse sefapanong seo.
16. Ka baka leo, motho a se ke a le nyatsa tabeng ya ho ja le ya ho nwa, leha e le tabeng ya mekete, le ya dikgwedi tse ntjha, le ya disabatha,
17. tseo e leng seriti sa tse tlang ho tla, empa mmele wa tsona ke Kreste.
18. Motho a se ke a le hlokisa moputso ka ho rata ha hae, ka taba tse kang boikokobetso, le tshebeletso ya mangeloi, a ikenya ho tseo a sa kang a di bona, ke ho ikgohomosetsa lefeela ka kutlo ya hae ya nama,
19. a sa itshwarelle ka hlooho, eo mmele wohle, ha o ntse o fepjwa, mme o teanngwa hammoho ka dikopano tsa manonyello, o holang ka kgolo ya Modimo.
20. Ha le fela le shwele le Kreste ka nqa ya ditaba tsa qalo tsa lefatshe, ana le sa bofellwang ka mekgwa, jwaloka hola le sa phela lefatsheng,
21. ha ho thwe: O se ke wa ja; o se ke wa latswa; o se ke wa ama?
22. Tseo tsohle ke tse isang ho boleng; di lateletse melao le dithuto tsa batho;
23. di na le botumo ba bohlale ba hore ke ho sebeletsa Modimo ka ho itlama, le ka ho ikokobetsa, le ka ho se hauhele mmele, athe ke tsa lefeela, hobane ke ho kgorisa nama feela.