1. Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwaneso,
2. ke ngolla baena ba leng ho Jesu Kreste, bahalaledi le badumedi ba Kolose, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
3. Re leboha Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, merapelong eo re sa phetseng ho le rapella ka yona;
4. re ntse re utlwa tumelo ya lona ho Jesu Kreste, le lerato la lona ho bahalaledi bohle,
5. ka baka la tshepo eo le e beetsweng mahodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete la Evangeli
6. e fihlileng ha heno, jwalokaha e fihlile lefatsheng lohle, moo e ntseng e beha ditholwana, jwalokaha e etsa hara lona haesale mohla le e utlwileng, le tsebileng mohau wa Modimo kannete;
7. jwalokaha le rutilwe ke Epafrase, moratuwa le mong ka rona tshebeletsong, le mohlanka ya tshepehang wa Kreste hara lona;
8. e leng yena hape ya re tsebisitseng lerato leo le nang le lona ka Moya.
9. Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang hoo, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopela hore le tlale tsebo ya thato ya wona, ka bohlale bohle, le kelello yohle ya Moya;
10. le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;
11. le ntse le tiile ka nqa tsohle ka matla a wona a kganyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo;
12. le ntse le leboha Ntate ya re entseng ba loketsweng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaledi leseding;
13. mme o re ntshitse matleng a lefifi, wa re falletsa mmusong wa Mora wa wona ya ratwang;