1. Jwale, sehlooho sa ditaba tseo re di boletseng, ke hoba re na le moprista e moholo hakalo, ya dutseng letsohong le letona ho terone ya Boholo mahodimong;
2. eo e leng mosebeletsi wa sehalalelo, le wa tabernakele ya sebele e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.
3. Hobane moprista e moholo e mong le e mong o ye a bewe ho hlahisetsa Modimo dinyehelo le mahlabelo; ka baka leo, e ka kgona eo le yena a be le seo a se hlahisang.
4. Hojane a le lefatsheng, o ne a ya hloka tokelo ya ho ba moprista, kahobane baprista ba teng ba hlahisang dinyehelo ka molao;
5. ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.
6. Empa moprista e moholo wa rona o filwe tshebeletso e fetisang, kahobane e le mmuelli wa selekane se fetisang, se hlabilweng ka dipallo tse fetisang le tsona.
7. Hobane hoja sa pele ha se a ka sa hloka letho, sebaka sa ho batla sa bobedi se ka be se bile siyo.
8. Athe ke ka nyatso Modimo o itseng ho Bajuda: Bonang, nako e sa tla eo ke tla etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda: ho itswalo ke Morena;