Baheberu 7:24-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Empa yena, kahobane ke wa kamehla, o na le boprista bo sa abuweng.

25. Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.

26. Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;

27. ya sa tshwanelang, jwaloka baprista ba baholo, ho hlahisa pele, ka matsatsi wohle, mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, a ntoo hlahisa a dibe tsa setjhaba; hobane taba eo yena o e entse hang feela, mohla a ikentseng sehlabelo.

28. Molao o fela o nka batho ba fokolang ho ba etsa baprista ba baholo; empa haele polelo ya kano e entsweng kamorao ho molao, e mmea Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.

Baheberu 7