Baheberu 6:18-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.

19. Tshepo eo ho rona e ka ankora ya moya, e tiyang, e sa sisinyeheng, e keneng ka kwana kahare ho lesira;

20. moo Jesu a keneng ka baka la rona, e le moetelli wa rona, ha a bewa moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.

Baheberu 6