Baheberu 6:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka baka leo, a re feteng ditaba tsa thuto ya Kreste tseo ho qalwang ka tsona, mme re feteleng ho tsa kgolo e tletseng, re se boele ra thea motheo wa ho baka mesebetsing e shweleng le wa tumelo ho Modimo,

2. le wa thuto ya dikolobetso, le wa peo ya matsoho, le wa tsoho ya bafu, le wa kahlolo ya ho sa feleng.

3. Mme re tla etsa jwalo, ha Modimo o re dumella.

4. Hobane ba seng ba kile ba bonesetswa, ba lekileng neo ya lehodimo, ba filweng kabelo Moyeng o Halalelang,

5. ba latswitseng lentswe le monate la Modimo, le matla a bophelo bo tlang ho tla,

6. bao ha ba ka wa, ha ho kamoo ba ka boelang ba ntjhafatswa kateng, hore ba boele ba bake, hobane ba boela ba ithakgisetsa Mora Modimo, ba mo etsetsa nyediso.

7. Hobane haele lefatshe le inwellang metsi a dipula tse le nelang hangata, le medisetsang bao le lemelwang bona meroho e molemo, lefatshe le jwalo le ye le fuwe lehlohonolo ke Modimo.

8. Empa haele le medisang meutlwa le dibajwa feela, lona le ye le lahlwe, le okamelwe ke thohako, mme taba ya lona ya qetello ke ho tjheswa.

Baheberu 6