1. Hobane moprista e moholo, leha e le ofe le ofe, ya nkwang hara batho, o ye a beelwe batho dinthong tsa tshebeletso ya Modimo, a tle a hlahise dinyehelo le mahlabelo ka baka la dibe;
2. mme o na le matla a ho hauhela ba sitilweng ke ho se tsebe le ke ho timellwa, kahobane le yena o dikilwe ke mefokolo.
3. Ke ka baka leo a tshwanetseng ho hlahisa mahlabelo ka baka la dibe tsa hae, jwalokaha a etsa ka baka la dibe tsa setjhaba.
4. Hape, ha ho motho ya ka inkelang kabelo eo e hlomphehang, haese ya e bileditsweng ke Modimo, jwaloka Aarone.
5. Esitile Kreste le yena ha a ka a inea kganya ya boprista bo boholo, empa o e neilwe ke ya itseng ho yena: O Mora ka, ke o tswetse kajeno.
6. Jwalokaha lengolong le leng ho itswe: Wena, o moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.
7. Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,