1. Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;
2. ya bileng kgabane ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe le yena o bile kgabane ka tlung ya hae yohle.
3. Hobane Kreste o lekantswe hoba o tshwanelwa ke tlotliso e fetisang ya Moshe, kamoo ya hahileng ntlo a felang a ena le hlompheho kateng, e fetisang ya ntlo.
4. Hobane ntlo e nngwe le e nngwe e ye e hahuwe ke motho; empa ya hahileng ntho tsohle ke Modimo.
5. Haele Moshe, o fela a bile kgabane ka tlung yohle ya Modimo, ka mokgwa wa mohlanka, ho behela batho tse neng di tshwanetse ho bolelwa.
6. Empa Kreste o bile kgabane pusong ya ntlo ya wona ka mokgwa wa Mora; mme ntlo ya wona ke rona, ha re boloka, ka ho tiya, tshepo le thabo ya tebello ya rona ho fihlela la bofelo.