10. Re na le aletare eo ba sebeletsang tabernakeleng ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.
11. Ditopo tsa dikgomo tseo madi a tsona a nkelwang sehalalelong ke moprista e moholo ka baka la dibe, di tjheswa kantle ho setsha sa ditente.
12. Ka baka leo, Jesu le yena, a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae, o kile a shwela kantle ho monyako wa motse.
13. Ka baka leo, re ke re tsweleng ho yena kantle ho setsha sa ditente, re ntse re jere sekgobo sa hae.
14. Hobane mona, ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha.
15. Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.
16. Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Modimo o kgahliswa ke mahlabelo a jwalo.
17. Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.
18. Re rapelleng; re fela re kgolwa hoba re na le letswalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle.
19. Mme ke le kgothatsa haholoholo hore le ke le etse jwalo, ke tle ke busetswe ho lona kapele.