Baheberu 13:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lerato la boena a le tiye.

2. Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.

3. Hopolang ba ditlamong, ho be jwaloka hoja le tlamilwe le bona; hopolang ba etswang hampe, etswe le sa le mmeleng le lona.

4. Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.

5. Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.

6. Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?

7. Hopolang badisa ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo, mme le etsise tumelo ya bona, le ntse le lemoha qetello ya ho phela ha bona.

8. Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.

9. Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.

Baheberu 13