1. Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,
2. re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.
3. Le fele le lemohe ya mameletseng kganyetso e kalo ya baetsadibe, le tle le se ke la kgathala ke ho fellwa ke dipelo.
4. Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe.
5. Mme le lebetse kgothatso ya Modimo kamoo o buang le lona kateng, ka ho re, le bana ba wona, ha o re: Mora wa ka, se nyatse tayo ya Morena, mme o se ke wa tepella ha o kgalemelwa ke yena;
6. hobane Morena o ye e laye eo a mo ratang, mme a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang.
7. Ekare ha le mamella ho lauwa, Modimo o le etsa jwaloka bara ba wona, hobane ke ofe mora eo ntatae a sa mo layeng?
8. Ha le ke ke la lauwa, e leng hoo bohle ba nang le kabelo teng, ke ha le mpa le le bana ba bonyatsi, e seng bara ba sebele.