37. Ba tlepeditswe ka majwe, ba sehlilwe ka disakga, ba lekilwe, ba bolailwe ka bohale ba lerumo, ba phaitse hohle, ba ntse ba apere matlalo a dinku le a dipodi, ba lahlehelwa ke tsohle, ba hloriswa, ba etswa hampe —
38. kanthebo lefatshe le ne le sa tshwanele ho ba le batho ba jwalo — ba shotile mafeelleng, le dithabeng, le mahaheng, le mekoting ya lefatshe.
39. Bao bohle, ba emetsweng ka baka la tumelo ya bona, ha ba ka ba newa seo ba se baletsweng;
40. hobane Modimo o re bonetse ho hong ho fetisang, ba tle ba se ke ba phetheha, rona re le siyo.