3. Empa mahlabelong ao ho boetse ha hopolwa dibe ka selemo se seng le se seng.
4. Hobane madi a dipoho le a diphooko a sitwa ruri ho tlosa dibe.
5. Ka baka leo, mohla a tla tla lefatsheng, o itse: Ha o a ka wa rata sehlabelo, leha e le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.
6. Ha o a ka wa kgahliswa ke ditjheso le ke mahlabelo a etswang ka baka la sebe.
7. Jwale ka re: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao; jwalokaha ho ngodilwe taba tsa ka bukeng.
8. Ha a setse a boletse pele, a re: Ha o a ka wa rata sehlabelo, le nyehelo, le ditjheso, le mahlabelo a etswang ka baka la sebe, mme ha o a ka wa kgahliswa ke tsona — athe ke tsona ntho tse hlahiswang ka molao —
9. ke moo a itseng: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao. Ha a rialo, o fedisa sa pele, mme o hloma sa bobedi.
10. Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.