28. Ya neng a nyedisa molao wa Moshe, o ne a bolawa, ho se mohau ka polelo ya dipaki tse pedi, leha di le tharo;
29. ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!
30. Etswe re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke tla ipheteletsa e le nna, ho itswalo ke Morena. Mme hape ho itswe: Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.
31. Ke ntho e tshabehang ho wela matsohong a Modimo o phelang.
32. Le nne le hopole mehla ya pele, eo eitseng hobane le bonesetswe, la hla la mamella ntwa e kgolo ya bohloko.
33. Ka nqa e nngwe, la hoboswa pepeneneng ka mahlapa le ka dihloriso, mme ka nqa e nngwe la ba balekane ba ba etswang tse jwalo.
34. Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.
35. Ka baka leo, le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.