19. Ka baka leo, banabeso, erekaha re neilwe sebaka sa ho kena sehalalelong, re se na tshabo, ka madi a Jesu.
20. e leng tsela e ntjha e isang bophelong, eo a re hleketseng yona, e phunyang lesira, ke ho re, nama ya hae;
21. mme erekaha re ena le moprista wa rona e moholo, ya beilweng tlung ya Modimo,
22. a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.
23. A re tiiseng kano ya tumelo ya rona, re se na ho sisinyeha; hobane ya re tshepisitseng o a tshepeha.
24. A re lebelaneng, re tle re isane ka tjheseho leratong le mesebetsing e metle.
25. Re se ke ra ngala diphutheho tsa rona, kamoo e leng mokgwa wa ba bang kateng; re mpe re kgothatsane, haholo etswe le bona letsatsi le ntse le atamela.
26. Hobane ekare ha re etsa sebe ka boomo, ha re se re filwe tsebo ya nnete, ha ho sa le sehlabelo se seng sa dibe;
27. e se e mpa e le tebello e tshabehang ya kahlolo, le bohale ba mollo o tlang ho ja bahanyetsi.
28. Ya neng a nyedisa molao wa Moshe, o ne a bolawa, ho se mohau ka polelo ya dipaki tse pedi, leha di le tharo;