10. Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.
11. Haele moprista e mong le e mong, o ntse a ema ka matsatsi wohle ho sebeletsa Modimo, mme o hlahisa hangata mahlabelo a le mang, a sa tsebeng le hanyenyane ho tlose dibe.
12. Empa yena, hobane a hlahise sehlabelo se le seng ka baka la dibe, o ituletse ka ho sa feleng letsohong le letona la Modimo,
13. a lebeletse ho sa ntseng ho tla etsahala, e leng hore bao e leng dira ho yena ba bewe bonamelo ba maoto a hae.
14. Hobane ka sehlabelo se le seng o phethisitse ka ho sa feleng bao a ba halaleditseng.
15. Ke seo Moya o Halalelang le wona o re pakelang sona; hobane ha o se o boletse ka ho re:
16. Selekane ke sena seo ke tla se etsa le bona kamora ditshiu tseo, ho rialo Morena; ke tla kenya melao ya ka dipelong tsa bona, ke e ngole dikelellong tsa bona, o eketsa o re:
17. Ha nka ke ka hlola ke sa hopola dibe tsa bona le ditlolo tsa bona.
18. Efela moo teselo ya dibe e leng teng, ha ho sa batlwa sehlabelo ka baka la dibe.
19. Ka baka leo, banabeso, erekaha re neilwe sebaka sa ho kena sehalalelong, re se na tshabo, ka madi a Jesu.
20. e leng tsela e ntjha e isang bophelong, eo a re hleketseng yona, e phunyang lesira, ke ho re, nama ya hae;
21. mme erekaha re ena le moprista wa rona e moholo, ya beilweng tlung ya Modimo,
22. a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.
23. A re tiiseng kano ya tumelo ya rona, re se na ho sisinyeha; hobane ya re tshepisitseng o a tshepeha.
24. A re lebelaneng, re tle re isane ka tjheseho leratong le mesebetsing e metle.
25. Re se ke ra ngala diphutheho tsa rona, kamoo e leng mokgwa wa ba bang kateng; re mpe re kgothatsane, haholo etswe le bona letsatsi le ntse le atamela.