4. Empa e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ya hae, mme ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang.
5. Hobane e mong le e mong o tla jara phahlo eo e leng ya hae.
6. Ya rutwang Lentswe a ke a qotsetse ya mo rutang mesebetsing ya hae yohle.
7. Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.
8. Ya jallang nama ya hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ya jallang Moya, o tla kotula Moyeng bophelo bo sa feleng.
9. Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.
10. Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.
11. Bonang, ke le ngoletse ka letsoho la ka ka dihlaku tse kaakang.