Bagalata 6:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Hobane ekare ha e mong a itekanya hore ke letho, athe hase eng, o ithetsa e le yena.

4. Empa e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ya hae, mme ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang.

5. Hobane e mong le e mong o tla jara phahlo eo e leng ya hae.

6. Ya rutwang Lentswe a ke a qotsetse ya mo rutang mesebetsing ya hae yohle.

7. Le se ke la thetswa, Modimo ha o songwe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.

8. Ya jallang nama ya hae, o tla kotula nameng ho bola; empa ya jallang Moya, o tla kotula Moyeng bophelo bo sa feleng.

9. Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.

Bagalata 6