Bagalata 6:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Banabeso, ekare ha motho a wela molatong o mong, lona bao le leng ba moya, le ke le mo tsose ka moya o mosa; mme o iponele, esere wa lekwa le wena.

2. Jarelanang diphahlo, mme le phethe jwalo molao wa Kreste.

3. Hobane ekare ha e mong a itekanya hore ke letho, athe hase eng, o ithetsa e le yena.

4. Empa e mong le e mong a ke a leke mesebetsi eo e leng ya hae, mme ke moo a tla ba le sebaka sa ho ithorisa ka tsa hae, e seng ka tsa ba bang.

Bagalata 6