Bagalata 5:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la bofjwa jokong ya bohlanka.

2. Bonang, nna Pauluse, ke a le bolella hore, ha le ka bolla, Kreste a ke ke a le thusa letho.

3. Mme ke boela ke omela ho motho e mong le e mong ya ka bollang, hore o tshwanetse ho etsa ka molao kaofela ha wona.

4. Lona kaofela ba ratang ho bewa ba lokileng ka molao, le arohile ho Kreste, le wele mohaung.

5. Empa rona, re lebeletse ka Moya tshepo ya ho loka ho tswang tumelong.

6. Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.

7. Le ne le matha hantle; ke mang ya le sitisitseng hore le se utlwe nnete?

8. Keletso eo ha e tswe ho ya le bitsitseng.

9. Tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela.

10. Haele nna, ke le tshepile Moreneng hore le ke ke la ba le kgopolo esele; empa ya le ferekanyang o tla fihlelwa ke kahlolo, leha e ka ba mang le mang.

11. Mme nna, banabeso, hoja ke sa bolela lebollo, ekaba ke sa hlorisetswang? Athe kgopiso ya sefapano e ka be e tlohile.

Bagalata 5