3. Ka mokgwa o jwalo, le rona, enere ha re sa le bana, re ne re le pusong ya taba tsa qalo tsa lefatshe.
4. Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,
5. a tle a lopolle ba katlasa molao, re tle re bewe bana.
6. Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate!
7. Ke moo jwale o sa hloleng o le mohlanka, empa o mora; mme ha o le mora, hape o mojalefa wa Modimo ka Kreste.
8. Efela pele, ha le ne le eso ho tsebe Modimo, le ne le sebeletsa medimo e neng e se yona ka sebele;
9. empa jwale, ha le tsebile Modimo, mme haholo ha le tsebilwe ke Modimo, ana le kgutlela jwang ditabeng tsa qalo, tse fokolang, tse fumanehileng, tseo le ratang le ka boela la tlangwa ke tsona?
10. Le hlokomela matsatsi, le dikgwedi, le dinako, le dilemo.
11. Ke tshohile ka baka la lona, esere mohlomong ke sebeditse lefeela ho lona.
12. Le be jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona; ke a le rapela hle, banabeso. Ha le a ka la nketsa hampe ka letho.
13. Le a tseba hoba, mohla ke qalang ho le bolella Evangeli, e ne e le ka baka la phokolo ya nama.
14. Ha le a ka la nnyedisa, leha e le ho nkgana ka baka la moleko wa ka o nameng ya ka; la mpa la nkamohela jwaloka hoja ke le lengeloi la Modimo, le jwaloka hoja ke le Jesu Kreste.