Bagalata 4:20-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. nka rata hore ke boele ke be teng hara lona, ke tle ke tsebe ho fetola lentswe la ka; hobane ke ferekane ka baka la lona!

21. Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa molao, hleka ha le utlwe molao na?

22. Athe ho ngodilwe hore Abrahama o bile le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi ya rekilweng, e mong e le wa mosadi ya sa rekwang.

23. Empa eo e neng e le wa ya rekilweng, o tswetswe ka nama, mme eo e neng e le wa ya sa rekwang, yena o tswetswe ka pallo.

24. Mme taba tseo ke setshwantsho; hobane basadi bao ke dilekane tse pedi; se seng e le sa thaba ya Sinai, se tswalang ba rekwang; seo ke Agare —

25. hobane Agare ke Sinai, thaba ya Arabia — mme o tshwantsha le Jerusalema wa jwale; mme ke ya tlamilweng, le bana ba hae.

26. Empa Jerusalema wa hodimo ha a tlanngwa; ke yena e leng mma rona bohle;

27. hobane ho ngodilwe, ho tshwe: Ithabele, wena nyopa ya sa tswaleng; tlerola, o hoeletse, wena o neng o hloka pelehi; hobane bana ba ya tlohetsweng ba tla fetisa ba ya nang le monna ka bongata.

28. Haele rona, banabeso, re bana ba pallo, jwaloka Isaaka.

29. Mme jwalokaha, mohlang oo, ya tswetsweng ka nama a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.

30. Empa Lengolo le reng? Le re: Lelekisa ya rekilweng le mora wa hae; hobane mora wa ya rekilweng e ke ke ya eba mojalefa hammoho le mora wa ya sa rekwang.

31. Ka baka leo, banabeso, ha re bana ba ya rekilweng, empa re le ba ya sa rekwang.

Bagalata 4