11. Ke tshohile ka baka la lona, esere mohlomong ke sebeditse lefeela ho lona.
12. Le be jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona; ke a le rapela hle, banabeso. Ha le a ka la nketsa hampe ka letho.
13. Le a tseba hoba, mohla ke qalang ho le bolella Evangeli, e ne e le ka baka la phokolo ya nama.
14. Ha le a ka la nnyedisa, leha e le ho nkgana ka baka la moleko wa ka o nameng ya ka; la mpa la nkamohela jwaloka hoja ke le lengeloi la Modimo, le jwaloka hoja ke le Jesu Kreste.
15. Le kae jwale lehlohonolo leo le neng le re, le na le lona? Hobane nka le paka hoba le ka be le ikgontse mahlo ho nnea wona, hola ya be e le ntho e ka etswang.
16. Hleka ke fetohile sera ho lona, ka ho le bolella nnete na?
17. Bao leha ba le tjhesehetse, ha ba le tjhesehele hantle; ba mpa ba rata ho re kwallela ntle, hore le tle le ba tjhesehele.
18. Ke ntho e ntle ho tjhesehela botle kamehla, e seng mohla ke leng teng ho lona feela.
19. Bana ba ka ba banyenyane, lona bao ke boelang ke le utlwela bohloko ba ho tswala, Kreste a tle a be a bopelwe ka ho lona;
20. nka rata hore ke boele ke be teng hara lona, ke tle ke tsebe ho fetola lentswe la ka; hobane ke ferekane ka baka la lona!
21. Mpolelleng, lona ba ratang ho ba tlasa molao, hleka ha le utlwe molao na?
22. Athe ho ngodilwe hore Abrahama o bile le bara ba babedi, e mong e le wa mosadi ya rekilweng, e mong e le wa mosadi ya sa rekwang.
23. Empa eo e neng e le wa ya rekilweng, o tswetswe ka nama, mme eo e neng e le wa ya sa rekwang, yena o tswetswe ka pallo.
24. Mme taba tseo ke setshwantsho; hobane basadi bao ke dilekane tse pedi; se seng e le sa thaba ya Sinai, se tswalang ba rekwang; seo ke Agare —
25. hobane Agare ke Sinai, thaba ya Arabia — mme o tshwantsha le Jerusalema wa jwale; mme ke ya tlamilweng, le bana ba hae.
26. Empa Jerusalema wa hodimo ha a tlanngwa; ke yena e leng mma rona bohle;
27. hobane ho ngodilwe, ho tshwe: Ithabele, wena nyopa ya sa tswaleng; tlerola, o hoeletse, wena o neng o hloka pelehi; hobane bana ba ya tlohetsweng ba tla fetisa ba ya nang le monna ka bongata.
28. Haele rona, banabeso, re bana ba pallo, jwaloka Isaaka.
29. Mme jwalokaha, mohlang oo, ya tswetsweng ka nama a ne a hlorisa ya tswetsweng ka Moya, le jwale ho sa le jwalo.
30. Empa Lengolo le reng? Le re: Lelekisa ya rekilweng le mora wa hae; hobane mora wa ya rekilweng e ke ke ya eba mojalefa hammoho le mora wa ya sa rekwang.