1. Hape ke re: Ha mojalefa e sa le ngwana, ha ho kamoo a sa tshwaneng le mohlanka kateng, leha e le yena monga ntho tsohle;
2. empa o sa le pusong ya balebedi le ya badisa, ho be ho fihle nako e beilweng ke ntatae.
3. Ka mokgwa o jwalo, le rona, enere ha re sa le bana, re ne re le pusong ya taba tsa qalo tsa lefatshe.
4. Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,
5. a tle a lopolle ba katlasa molao, re tle re bewe bana.
6. Mme erekaha le le bana, Modimo o rometse dipelong tsa lona Moya wa Mora wa wona, o howang, o re: Abba! Ntate!
7. Ke moo jwale o sa hloleng o le mohlanka, empa o mora; mme ha o le mora, hape o mojalefa wa Modimo ka Kreste.