Bagalata 3:13-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;

14. hore lehlohonolo la Abrahama le fihlele baditjhaba ka Jesu Kreste, mme re amohele pallo ya Moya ka tumelo.

15. Banabeso — ke bua ka mokgwa wa batho — selekane leha e le sa motho, ha se se se tiisitswe, ha ho ya ka se fedisang, leha e le ho se ekeletsa.

16. Mme jwale, dipallo di etseditswe Abrahama le leloko la hae; ha ho thwe, meloko, jwaloka hoja ho bolelwa e mengata, empa ka ho lekanya le le leng feela, ho itswe: Le ho leloko la hao, e leng Kreste.

17. Ha ho le jwalo, seo ke se bolelang, ke hoba selekane se tiisitsweng pele ke Modimo hodima Kreste, molao o tlileng kamora dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo ha o a ka wa se fedisa hore pallo e fetohe lefeela.

18. Hobane, hola lefa le newa ka molao, ha e sa le ka pallo; athe Modimo o le neile Abrahama ka pallo feela.

19. Ha ho le jwalo, molao ke wa ho etsang? O beilwe ka baka la ditlolo, ho tle ho be ho fihle leloko leo dipallo di etseditsweng lona, mme o tiisitswe ke mangeloi ka letsoho la mmuelli.

20. Mme mmuelli hase wa a le mong, empa Modimo o mong.

21. Ha ho le jwalo, na molao o hanana le dipallo tsa Modimo na? Le hanyenyane! Hobane molao o neilweng batho hoja o ka tseba ho phedisa, ruri ho loka ho ne ho tla tswa molaong.

22. Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.

23. Enere ha tumelo e eso ho tle, re ne re lebelwa ke molao, re hlahletswe ho wona, ho ntse ho lebeletswe tumelo e tlang ho bonahala.

24. Ka mokgwa o jwalo, molao e bile modisa wa bongwana ba rona, ho re isa ho Kreste, re tle re bewe ba lokileng ka tumelo.

25. Empa tumelo ha e se e tlile, ha re sa le pusong ya modisa eo.

26. Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.

27. Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.

Bagalata 3