2. Ke kgothatsa Efodia, ke kgothatsa Sintike, hore ba be le pelo e le nngwe Moreneng.
3. Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.
4. Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.
5. Mosa wa lona o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.
6. Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.
7. Mme kgotso ya Modimo, e fetisang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Jesu Kreste.
8. Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.