14. Leha ho le jwalo, le entse hantle, ha le nthusitse bohloking ba ka.
15. Le a tseba le lona, Bafilipi, hoba, enere ha ke tswa Masedonia, ha ke qala ho le bolella Evangeli, ha ho a ka ha eba le kereke e nneileng letho le ka bitswang mpho, leha e le kamohelo, haese lona le nnotshi.
16. Esitile leha ke le Thesalonika, le nthometse hang le habedi seo ke neng ke se hloka.
17. Hase hoba ke batla dimpho, empa ke batla ditholwana tse ka le atelang ho le ruisa.
18. Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.
19. Mme Modimo wa ka o tla le tlatsetsa ka tsohle tseo le di hlokang, ka monono wa wona, kganyeng, ka Jesu Kreste.
20. Jwale, ho Modimo, Ntata rona, e be kganya ka ho sa feleng. Amen!
21. Ntumedisetseng bahalaledi bohle ba leng ho Jesu Kreste. Baena ba nang le nna ba le dumedisa.
22. Bahalaledi bohle ba le dumedisa, empa haholo bao e leng ba ntlo ya Sesare.
23. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen!