1. Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa.
2. Ke kgothatsa Efodia, ke kgothatsa Sintike, hore ba be le pelo e le nngwe Moreneng.
3. Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.
4. Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.
5. Mosa wa lona o tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.
6. Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.