Bafilipi 3:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.

4. E seng hore le nna nka hloka seo nka ithorisetsang ka sona le nameng. Ekare ha e mong a lekanya hoba o na le sebaka sa ho ithorisetsa nameng, haholo ka nna eo.

5. Ke boloditswe ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ke wa mofuta wa Iseraele, wa leloko la Benjamine, ke Moheberu wa Baheberu; ka nqa ya molao ke mofarisi.

6. Haele ka tjheseho ke nna ya hlorisitseng kereke; haele ka ho loka ha molao, ke ne ke se na ho nyatsuwa.

7. Empa tse neng di le moruo ho nna, ke di entse tshenyehelo ka baka la Kreste.

8. Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tshenyehelo, ha di ka bapiswa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, mme ke di etsa dithole, ke tle ke rue Kreste;

9. mme ke fumanwe ho yena ke ena le ho loka, e seng ha molao, empa e le ho leng ka ho dumela ho Kreste, ke ho re, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo;

10. ke tle ke tsebe Jesu Kreste, le matla a tsoho ya hae, le ho kopana le yena mahlomoleng a hae, ke tle ke tshwane le yena lefung la hae;

11. hore mohlomong le nna nke ke fihlele tsoho ya bafu.

12. E seng hore ke se ke nkile moputso, leha e le hore ke se ke phethehile; empa ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le yena a nkgapetseng sona.

Bafilipi 3