10. ke tle ke tsebe Jesu Kreste, le matla a tsoho ya hae, le ho kopana le yena mahlomoleng a hae, ke tle ke tshwane le yena lefung la hae;
11. hore mohlomong le nna nke ke fihlele tsoho ya bafu.
12. E seng hore ke se ke nkile moputso, leha e le hore ke se ke phethehile; empa ke ntse ke phalla hore ke tle ke hape seo Kreste le yena a nkgapetseng sona.
13. Banabeso, haele nna, ha ke itekanye hore ke se ke se hapile;
14. empa ke etsa ho le hong feela: ke lebala tse kamorao, mme ke hahamalla ho tse kapele; ke mathela moo ho lekantsweng teng, e leng pheo eo re e biletswang hodimo ke Modimo, ka Jesu Kreste.
15. Ka baka leo, rona bohle ba phethehileng, a re ke re ikutlweng jwalo; mme ha le ena le boikutlo bosele nthong e nngwe, le hona Modimo o tla le senolela hona.
16. Empa haele moo re setseng re fihletse teng, re ke re tsamaye ka molao o le mong.
17. Banabeso bohle hammoho le be baetsisi ba ka, mme le ele hloko ba tsamayang ka mehlala eo re le etseditseng yona.
18. Hobane ba bangata bao ke seng ke ba boletse ho lona hangata, le jwale ke sa ba bolela ka ho lla, ba tsamaya e le dira ho sefapano sa Kreste;
19. bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.
20. Empa wa rona motse o mahodimong, e leng oo hape re lebeletseng ho kgutla teng ha Mmoloki Jesu Kreste, Morena;
21. ya tlang ho fetola mmele ya rona e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le mmele wa hae o kganyang, ka tshebetso eo a ka tsebang ka yona le ho ipeela dintho tsohle katlasa hae.