1. Haele ka ho hong, banabeso, le ithabele Moreneng.Ha ke kgathale ke ho le ngolla ditaba di le ding, mme ke ntho e le tiisang.
2. Tshabang dintja; tshabang basebetsi ba babe; tshabang lebollo la bohata;
3. hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.
4. E seng hore le nna nka hloka seo nka ithorisetsang ka sona le nameng. Ekare ha e mong a lekanya hoba o na le sebaka sa ho ithorisetsa nameng, haholo ka nna eo.
5. Ke boloditswe ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ke wa mofuta wa Iseraele, wa leloko la Benjamine, ke Moheberu wa Baheberu; ka nqa ya molao ke mofarisi.
6. Haele ka tjheseho ke nna ya hlorisitseng kereke; haele ka ho loka ha molao, ke ne ke se na ho nyatsuwa.
7. Empa tse neng di le moruo ho nna, ke di entse tshenyehelo ka baka la Kreste.