Bafilipi 2:5-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Le fele le be le pelo e bileng le ho Jesu Kreste;

6. eo leha a ne a ema ka sebopeho sa Modimo, a sa kang a lekanya hobane o a utswa ha a iketsa ya lekangang le Modimo;

7. athe o iphedisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka, ka ho iketsa ya tshwanang le batho.

8. Mme ha a hlahile a le jwaloka motho, o ikokobeditse, a iketsa ya utlwang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.

9. Ke ka baka leo Modimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, mme o mo neile lebitso le hodima mabitso wohle;

10. hore lebitsong la Jesu, mangwele wohle a ba mahodimong, le lefatsheng, le katlase ho lefatshe, a kgumame;

11. mme maleme wohle a bolele hore Jesu Kreste ke Morena, e be tlotliso ya Modimo Ntate.

12. Baratuwa ba ka, jwalokaha le bile le kutlo kamehla, le fele le sebetse polokeho ya lona ka tshabo le ka thothomelo, e seng feela ha ke le ho lona, empa haholoholo leha ke le siyo;

13. hobane Modimo ke wona o sebetsang ka ho lona ho rata le ho etsa, ka boithatelo ba wona.

14. Etsang tsohle le sa ngongorehe, le sa dikadike;

15. le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;

16. ke tle ke tsebe ho ithorisa ka letsatsi la Kreste, ka hore ha ke a ka ka mathela lefeela, leha e le ho sebeletsa lefeela.

17. Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.

18. Le lona, le thabele hona hoo, le thabe le nna.

19. Ke tshepile ho Morena Jesu hobane ke tla phakisa ke le romele Timothea, ke tle ke kgothahale, ha ke utlwa kamoo taba tsa lona di dutseng kateng.

Bafilipi 2