Bafilipi 2:14-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Etsang tsohle le sa ngongorehe, le sa dikadike;

15. le tle le hloke sekodi le letheba, le be bana ba Modimo, ba sa nyatseheng hara moloko o senyehileng, o kgopo, oo le kganyang hara wona jwaloka masedi lefatsheng, le ntse le phahamisitse lentswe la bophelo;

16. ke tle ke tsebe ho ithorisa ka letsatsi la Kreste, ka hore ha ke a ka ka mathela lefeela, leha e le ho sebeletsa lefeela.

17. Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.

18. Le lona, le thabele hona hoo, le thabe le nna.

19. Ke tshepile ho Morena Jesu hobane ke tla phakisa ke le romele Timothea, ke tle ke kgothahale, ha ke utlwa kamoo taba tsa lona di dutseng kateng.

20. Hobane ha ke na e mong eo pelo ya hae e tshwanang le ya ka jwaloka yena, leha e le ya hlokomelang taba tsa lona ka sebele jwaloka yena.

21. Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste.

22. Empa yena, le tseba diketso tsa hae, kamoo a ntshebeleditseng Evangeling kateng, jwoloka ngwana ha a sebeletsa ntatae.

23. Ke yena eo jwale ke tshepileng ho mo romela ho lona, ha ke se ke bone tseo ke leng hara tsona hore na di feletse kae.

24. Hape, ke kgolwa Moreneng hoba le nna ke tla tla kapele ho lona.

25. Empa ke lekantse hobane e ka kgona ke le romele Epafrodite, ngwaneso le motlatsi wa ka mosebetsing le hlabanong, lenqosa la lona le ho nna, le mmaballi wa ka bohloking.

26. Hobane o ne a le hlolohetswe haholo bohle, mme o ne a belaela haholo kahobane le utlwile ho kula ha hae.

27. O fela a kile a kula, a batla a eshwa; empa Modimo o mo hauhetse, e seng yena a nnotshi, empa le nna, hore ke tle ke se ke ka imelwa ke mahlomola a kallanang.

28. Ke phakisitse ka mo romela ho lona ke hona, hore, ha le boela le mmona, le ke le thabe, mme le nna ke lese ho hlomoha.

29. Le fele le mo amohele Moreneng ka thabo yohle, mme le hlomphe batho ba jwalo.

Bafilipi 2