Bafilipi 2:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka baka leo, ekare ha tshediso e le teng ho Kreste, ha ho le kgothatso ya lerato, ha ho le kopano ya Moya, ha ho le lereko le mehauhelo,

2. le ke le phethise thabo ya ka, ka ho ba le kgopolo e le nngwe, le lerato le le leng, le moya o le mong, le ho ikutlwa ho le hong feela.

3. Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.

4. E mong le e mong a se ka a hlokomela tseo e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.

5. Le fele le be le pelo e bileng le ho Jesu Kreste;

6. eo leha a ne a ema ka sebopeho sa Modimo, a sa kang a lekanya hobane o a utswa ha a iketsa ya lekangang le Modimo;

7. athe o iphedisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka, ka ho iketsa ya tshwanang le batho.

8. Mme ha a hlahile a le jwaloka motho, o ikokobeditse, a iketsa ya utlwang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano.

9. Ke ka baka leo Modimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, mme o mo neile lebitso le hodima mabitso wohle;

10. hore lebitsong la Jesu, mangwele wohle a ba mahodimong, le lefatsheng, le katlase ho lefatshe, a kgumame;

Bafilipi 2