Bafilipi 1:7-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.

8. Hobane Modimo ke paki ya ka ya hobane ke le hlolohetswe bohle leratong la Jesu Kreste.

9. Mme seo ke se kopang, ke hore lerato la lona le nne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello yohle;

10. le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;

11. le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse behwang ka Jesu Kreste, hore e be kganya le poko ho Modimo.

12. Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba tse ntlhahetseng di thusitse haholo ho ntshetsa Evangeli pele.

13. Ho tlangwa ha ka ka baka la Kreste ho bile ha tuma hohle tlung ya borena, le ka nqa tsohle tse ding.

14. Mme jwale, ba bangata ho bana babo rona Moreneng ba ekeleditswe matla a ho bolela lentswe la Modimo, ba se na tshabo, ka ho kgothahala ke ditlamo tsa ka.

15. Ba bang ba fela ba etsa jwalo ka mona le ka kgang; empa ba bang ba bolela Kreste ka pelo e kgabane.

16. Ba bang ba bolela Kreste ka kgang, e seng ka pelo e ntle, ba lekanya hoba ba tla eketsa bohloko ba ditlamo tsa ka.

17. Empa ba bang ba etsa ka lerato, ka ho tseba hoba ke beilwe hore ke emele Evangeli.

18. Ho nang? Kreste o ntse a bolelwa ka mekgwa yohle, leha e le ka boiketsiso, leha e le ka nnete; mme ke thabile ke hona, mme ke ya nne ke thabe.

19. Ke tswe ke tseba hobane hoo ho tla mphetohela polokeho ka merapelo ya lona, le ka tshitso ya Moya wa Jesu Kreste,

Bafilipi 1