Bafilipi 1:26-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. hore ho ithorisa ha lona ka nna ho tle ho eketsehe ho Jesu Kreste, ha ke boetse ke le teng ho lona.

27. Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,

28. le hona le sa tshohe leha e le tabeng e le nngwe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontsho ya tshenyeho, empa ho lona ke ya poloko; mme hoo ho tswa ho Modimo.

29. Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.

30. Hobane le dutse ntweng eo le boneng e le ho nna, eo le jwale le sa utlwang hobane e ho nna.

Bafilipi 1