1. Re le Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba Filipi ba leng ho Jesu Kreste, le balebedi, le bahlanka ba kereke, re re:
2. Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.
3. Ke leboha Modimo wa ka kamehla yohle ha ke le hopola;
4. ke ntse ke le rapella bohle kamehla, ka thabo, merapelong yohle eo ke e etsang,
5. kahobane le fela le kgomaretse Evangeli, haesale mohla le qalang ho e utlwa, ho fihlela jwale.
6. Ke tshepile hobane ya qadileng mosebetsi o molemo ho lona, o tla fela a o phethe, ho isa tsatsing la Jesu Kreste.
7. Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.
8. Hobane Modimo ke paki ya ka ya hobane ke le hlolohetswe bohle leratong la Jesu Kreste.
9. Mme seo ke se kopang, ke hore lerato la lona le nne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello yohle;
10. le tle le tsebe ho lemoha ditaba tse fetisang ka molemo, le nne le hlweke, mme le se ke la kgoptjwa, letsatsi la Kreste le be le tjhabe;
11. le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse behwang ka Jesu Kreste, hore e be kganya le poko ho Modimo.
12. Banabeso, ke rata ha le ka tseba hoba tse ntlhahetseng di thusitse haholo ho ntshetsa Evangeli pele.
13. Ho tlangwa ha ka ka baka la Kreste ho bile ha tuma hohle tlung ya borena, le ka nqa tsohle tse ding.
14. Mme jwale, ba bangata ho bana babo rona Moreneng ba ekeleditswe matla a ho bolela lentswe la Modimo, ba se na tshabo, ka ho kgothahala ke ditlamo tsa ka.