Baefese 6:7-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. le ba sebeletse ka pelo e ntle, le ntse le sebeletsa Morena, e seng batho;

8. le ntse le tseba hobane e mong le e mong, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang, o tla newa ke Morena ka tekano ya botle boo a bo entseng.

9. Le lona benghadi, le ba etse jwalo, mme le tlohele ho ba sokela, ka ho tseba hobane le wa lona Morena o teng mahodimong, le hobane ha a re letho ka tshobotsi ya motho.

10. Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.

11. Aparang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho hlola dihloho tsohle tsa Diabolose.

12. Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.

13. Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho tiya ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlotse tsohle.

14. Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.

15. Maotong a lona, le rwale mafolofolo a Evangeli ya kgotso.

16. Kahodima tseo tsohle le tshware thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima metsu yohle e tukang ya molotsana.

17. Rwalang heleme ya poloko, mme le tshware lerumo la Moya, e leng lentswe la Modimo.

18. Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.

19. Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,

20. eo ke leng lenqosa la yona, leha ke tlamilwe ka mahlaahlela, hore ke bolele ditaba tsa yona ka matla, jwalokaha ke tshwanetse ho di bolela.

Baefese 6