13. Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho tiya ka tsatsi le lebe, le ho ema le setse le hlotse tsohle.
14. Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.
15. Maotong a lona, le rwale mafolofolo a Evangeli ya kgotso.
16. Kahodima tseo tsohle le tshware thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima metsu yohle e tukang ya molotsana.
17. Rwalang heleme ya poloko, mme le tshware lerumo la Moya, e leng lentswe la Modimo.
18. Le rapele ka Moya kamehla, ka merapelo yohle, le fadimehele teng ka tiisetso yohle, mme le rapelle bahalaledi bohle.
19. Le nna le nthapelle, hore ke newe ho bua phatlalatsa, ke tle ke tsebise batho sephiri sa Evangeli,
20. eo ke leng lenqosa la yona, leha ke tlamilwe ka mahlaahlela, hore ke bolele ditaba tsa yona ka matla, jwalokaha ke tshwanetse ho di bolela.
21. Mme ka hore le tle le tsebe le lona kamoo ke dutseng kateng, le seo ke se etsang, Tikike, ngwaneso ya ratwang, mohlanka ya tshepehang Moreneng, o tla le tsebisa tsohle.
22. Ke ka baka leo ke mo rometseng ho lona, a tle a le tsebise kamoo re dutseng kateng, mme a tshedise dipelo tsa lona.
23. Kgotso, le lerato, le tumelo di be le baena, di etswa ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste!
24. Mohau o be le bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng. Amen!