1. Bana, utlwang batswadi ba lona Moreneng; hobane ke ntho e lokileng.
2. Hlonepha ntatao le mmao — ke oo molao wa pele o nang le pallo —
3. o tle o be le lehlohonolo, mme o phele halelele lefatsheng.
4. Mme lona bontata bana, le se ke la halefisa bana ba lona; le mpe le ba hodise ka ho ba laya le ka ho ba rutela Moreneng.
5. Bahlanka, utlwang ka tshabo, le ka thothomelo, le ka tshepeho ya dipelo tsa lona, bao e leng beng ba lona ka nama, jwalokaha le utlwa Kreste.
6. Le se ke la ba sebeletsa feela ha ba le tadimile, jwaloka hoja le rata ho kgahlisa batho; le mpe le etse ho rata ha Modimo, ka pelo ka ho re, le bahlanka ba Kreste;
7. le ba sebeletse ka pelo e ntle, le ntse le sebeletsa Morena, e seng batho;
8. le ntse le tseba hobane e mong le e mong, leha e le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang, o tla newa ke Morena ka tekano ya botle boo a bo entseng.
9. Le lona benghadi, le ba etse jwalo, mme le tlohele ho ba sokela, ka ho tseba hobane le wa lona Morena o teng mahodimong, le hobane ha a re letho ka tshobotsi ya motho.
10. Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.
11. Aparang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho hlola dihloho tsohle tsa Diabolose.