5. Hobane le a tseba hore mofebi, leha a le mong, le ya ditshila, le ya ratang leruo, e leng motho ya sebeletsang medimo ya bohata, ha ba na kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.
6. Motho a se ke a le thetsa ka dipolelo tsa lefeela; hobane ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlelang bana ba ho se dumele.
7. Ka baka leo, le se ke la ba le taba le bona.
8. Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.
9. Hobane tholwana ya lesedi ke molemo wohle, le ho loka, le nnete.
10. Le qamake se ka kgahlisang Morena;
11. mme le se ke la ba le kabelo mesebetsing e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse:
12. hobane le ho bolelwa tseo ba di etsang sephiring ke taba e hlabisang dihlong.
13. Empa ntho tseo tsohle ha di kgalemelwa, di bonahatswa ke lesedi; hobane hohle ho bonahatswang, ho lesedi.
14. Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.